Source: Free State Provincial Government
Title: O Tsopo: Free State STI Day
THE SPEECH OF THE FREE STATE MEC FOR HEALTH, OUMA TSOPO, ON THE OCCASION OF THE PROVINCIAL STI EVENT, CLOCOLAN 10 February 2004
Programme Director
Honoured Guests
Ladies and Gentlemen.
Introduction
The management of sexually transmitted illnesses (STIs) is one of the critical programmes that we undertake in the department. STIs present a huge challenge, particularly to young people of this country and this province specifically. It is a well-known common factor that if left untreated STIs can be very harmful if not deadly to the person infected by or suffering from them. It is also a well-known factor that STIs can lead to the easy transmission of HIV/AIDS. As we celebrate this provincial STI event in the context of the national condom week it is important that we must bring this stark reality about the dangers of STIs to our people.
Motsamaisi wa mosebetsi, bomme le bontate, diphephetso tsa bophelo bo botle tseo re tobaneng le tsona dingata. Mafu ohle, ho kenyelletsa mafu a thobalano, a hloka hore re tsepamaise maikutlo a rona ho ona ntle le qeaqeo kapa yona tshekamelo. Ke mafu ao hangata re sa a nkeleng hloohong, ho tshwana le lefu la tswekere, ao e leng ona a bolayang batho ba rona ka bongata. Ho bohlokwa ke hona hore re tobane le bothata ba mafu a re tobileng ka tsela e momahaneng. Re le mmuso re finne seledu, re lwantshana le bothata ba mafu ohle a hlaselang batho ba rona ka letsatsi le leng le le leng.
STI Programme in the Free State
Programme director, our STI programme in the Free State is one of the programmes that underscores our government's commitment to dealing with the disease burden of various illnesses in our country. This programme falls within the broader programme of HIV/AIDS, tuberculosis, STIs and communicable diseases. This is a programme that reflects a concerted effort at addressing infectious and/or communicable diseases in a comprehensive manner. In terms of the STI programme specifically a number of advances have been made to stem the tide of these illnesses. Having set a target for ourselves to train 60% of professional nurses in the syndromic management of STIs we exceeded our own expectations by training 63% of our primary health care professional nurses in this programme. We have also reproduced 1000 STI protocols and distributed them to prescribers so that they can be guided on how to treat STIs at their workstations.
This emphasis on primary health care (PHC) professionals is important. We can only manage to effectively deal with the challenge of these illnesses through the PHC approach, which emphasises prevention and early detection and treatment of diseases. I have noted earlier that, if not treated early, STIs can be deadly to those suffering from them. Early detection and treatment is thus necessary and this can be done in our PHC facilities with the assistance of our PHC professionals. Our next target is to train 80% of PHC prescribers in this programme of syndromic management of STIs. In-service orientation is also to be conducted to all prescribers when the new protocols are distributed.
Bomme le bontate, kgatelopele enngwe e bileng teng ntweng kgahlanong le mafu a thobalano ka hara profensi e bile ho thehwa ha dibaka tsa ho fana ka dikgohlopo kapa tsona di-condom. Dibaka tsa phano ya dikgohlopo tsa bontate ka hara profensi di kenyelletsa tse latelang: sepetlele sa Parys, Qwa Qwa ATTIC, sepetlele sa Phumelela (Vrede), sepetlele sa Phuthuloha (Ficksburg), tleliniki ya Matlakeng, tleliniki ya Itumeleng, Leratong ATTIC, mokgatlo oo e seng wa mmuso e leng Lesedi Lechabile, sepetlele sa Botshabelo le Bloemfontein ATTIC. Ntlha enngwe ya bohlokwa ke ya ho thehwa ha dibaka tsa ho fanwa ha dikgohlopo tsa bomme kaha re tseba hore bomme le bona ho hlokahala hore baitshireletse ka nako tsohle kgahlanong le tshwaetso ya mahloko a thobalano. Hangata bomme ha bana le ntswe ha ho tluwa tabeng tsa thobalano moo bontate e leng bona ba nkang qeto ya hore ho sebediswa kgohlopo kapa tjhe. Sena ha se ya amoheleha le hannyane feela. Ke ka hoo re le lefapha re nkileng mohato wa ho theha dibaka tsena moo bomme ba tlang ho iphumanela dikgohlopo tsa bona ha ba dihloka hore ba kgone ho itshireletsa. Dibaka tsena ke tse latelang: tleliniki ya Phedisong, tleliniki ya Riversdale, mokgatlo oo e seng wa mmuso wa SHARP, tleliniki ya Matlakeng, tleliniki ya Itumeleng, Setsi sa Bophelo bo Botle sa Petrusburg, tleliniki ya Rheederspark, Setsi sa Bophelo bo Botle sa Ventersburg, mokgatlo oo e seng wa mmuso wa Lesedi Lechabile, Leratong ATTIC, tleliniki ya Allanridge, MUCPP, Technikon Free State, sepetlele sa Dr JS Moroka, Planned Parenthood Association of South Africa, tleliniki ya Mauwersnek le University of the Free State.
Dikgohlopo tsa bomme tseo ho seng ho fanwe ka tsona ho fihla ha jwale selemong sena sa ditjhelete di feta palo ya 74 651. Dikgohlopo tsa bontate tseo ho seng ho fanwe ka tsona ho fihla ha jwale selemong sena sa ditjhelete di 6 874 750. Ke maikemisetso a lefapha ho theha dibaka tse ding tse 7 tsa phano ya dikgohlopo tsa bontate hodima tse 10 tseo di seng di le teng le ho theha tse ding tse 9 tsa phano ya dikgohlopo tsa bomme hodima tse 17 tse seng di le teng. E re ke toboketse hore mapolasi a 5 a potapotileng motsana wa Van Stadensrus le ona a thusetsa ho fana ka dikgohlopo tsa bontate ka nako tsohle. Lefapha le sa ikemiseditse ho bula dibaka tse ding tse 2 mapolasing ho fana ka dikgohlopo tsena.
Programme director, honoured guests, one of our strategic objectives or deliverables as regard the management of STIs is the management of STI in accordance with the existing policy. I have already indicated that 1000 STI protocols have been reproduced and distributed to our professional nurses. This is to ensure that our health professionals adhere to the policy guidelines in terms of treatment of STIs. The distribution of these protocols to health professionals is accompanied by training through workshops to ensure that there is a thorough understanding of the policy requirements in this regard. It is also one of our strategic objectives to implement research programmes to conduct clinical surveys on STIs. Already 30 sites have been randomly selected for STI clinical sentinel survey. 11 health professionals have so far been trained and have commenced with the collection of the required data. All these 30 sites are to be operational by the end of March 2004. Data to be collected from these sites will be collated, validated and used by health facilities in the battle against STIs.
Honoured guests, the battle against STIs has also be advanced further through the establishment of roadside clinics at the Highway Junction in Harrismith, N1 road in Ventersburg and N1 road in Bloemfontein. These and other areas have been identified as the high transmission areas due to the fact that they are frequented by sex workers who target truck drivers passing along these roads. STI services are provided for these truckers and commercial sex workers who operate along these routes. Both sex education and condom distribution take place with high intensity to educate truckers and sex workers about STIs and also equip them with necessary tools to protect themselves. More similar roadside clinics are planned, also targeting the Xhariep district.
We have also embarked on an initiative of launching what we call youth friendly clinics with the purpose of encouraging young people to frequent our clinics and receive, amongst others, information about reproductive health, including STIs. I have already noted, ladies and gentlemen, that young people are more at risk of contracting these illnesses. The National Youth Development Policy Framework (2002 - 2007) towards Integrated National Youth Development Initiatives and Programmes states: "Young people are at a risk from a broad range of health problems. This includes the risk of physical and psychological trauma resulting from sexual abuse, gender-based violence, and other forms of physical and psychological trauma resulting from sexual abuse, gender-based violence, and other forms of physical violence and accidents. Other health needs are sexual and reproductive health disorders, which include sexually transmitted diseases, HIV/AIDS, unwanted pregnancy-related complications, and tuberculosis. For example, by the age of "19 years, 35% of all teenagers have been pregnant or have had a child. It is estimated that in 1999, about 11% of terminations of pregnancy were done on women under the age of 18 years." (South African Health review 2000).
This statement is indeed a clarion call to all of us to rise and make serious interventions to prevent the further spread of these conditions among young people and adults to save our world of tomorrow. As the department in particular and government in general we are doing everything possible to ensure that this is the case. However, we need the broad community mobilisation if we are to succeed.
Conclusion
Motsamaisi wa mosebetsi, bomme le bontate, ke sa rata ho toboketsa hore re le mmuso re etsa hoo re ka ho kgonang ho thibela mahloko a itseng ho ata ka hara setjhaba sa rona, haholoholo batjha. Empa ke sa rata ho toboketsa hape hore ke boikarabelo ba moahi e mong le emong ho netefatsa hore o ya bolokeha kgahlanong le mafu ana. Hangata, haholoholo nakong ena ya dikgetho, re utlwa mabarebare a hore mmuso o entse eng ha o wa etsa eng. Ha ho qeaqeo hore mmuso ona o entse dintho tse ngata dilemong tse leshome tseo e sa le o le pusong ka tsona. Ho setseng ke hore motho emong le emong a bapale karolo ya hae ho aha bokamoso bo betere, ho thusana le mmuso.
Kaha letsatsi la dikgetho le se le beilwe ke MoPresidente Thabo Mbeki e re ke boele hape ke nke monyetla ona ho ipiletsa ho baahi ba profensi ena ho ya ingodisetsa dikgetho tsena tse tlang. Monyetla ona wa ho ingodisa o fela ka laboraro lena leo re le lebileng. Ke boikarabelo bo bong boo re tlamehileng ho bo nka ho thusana le mmuso ka ho tlisa diphethoho le ho fana ka ditshebeletso. Ke lebisa boipiletso bona haholoholo ho batjha, bao e leng bona ba tobaneng le phephetso tse ngata, tse kenyelletsang mafu ana a thobalano. Bokamoso ba rona bo keke ba e ba bo betere hang feela re ntse re iphapantse le ditaba tse amanang le maphelo a rona.
Ke ya leboha.
Issued by: Department of Health, Free State Provincial Government
10 February 2004
EMAIL THIS ARTICLE SAVE THIS ARTICLE FEEDBACK
To subscribe email subscriptions@creamermedia.co.za or click here
To advertise email advertising@creamermedia.co.za or click here







