The Constitution in Sesotho (1996)

27th February 2017

Rona, setjhaba sa Afrika Borwa,
Re elellwa makgopo a maoba le maobeng a rona;
Re tlotla ba hlokofaditsweng ka lebaka la toka le tokoloho naheng ya rona;
Re tlotla bao ba ileng ba sebeletsa ho aha le ho ntshetsa pele naha ya rona; mme
Re dumela hore Afrika Borwa ke naha ya bohle ba phelang ho yona, re kopane, le ha re fapane.
Ka lebaka lena, ka tataiso ya baemedi ba rona ba kgethilweng ka bolokolohi,
re ananela Molao ona wa Motheo e le molao o ka sehloohong wa Repaboliki hore o tle -
O fedise diphapang tsa maoba le maobeng mme re thehe setjhaba se itshetlehileng hodima
maemo a demokrasi, toka setjhabeng le ditokelo tsa motheo tsa botho;
O thee metheo ya setjhaba sa demokrasi le se lokolohileng moo mmuso o itshetlehileng ka
ditabatabelo tsa setjhaba mme moahi e mong le e mong a sireleditswe ke molao;
O ntlafatse maemo a bophelo a baahi bohle mme ho be ho kgothaletswe bokgoni ba motho e mo
ng le e mong; le
Ho aha Afrika Borwa e kopaneng le ya demokrasi e phethahetseng e le puso e nang le boikemelo
hara matjhaba.
Modimo o ke o sirelletse batho ba habo rona
Nkosi Sikelel’ifrika. Morena boloka setjhaba sa heso.
God seën Suid-Afrika. God bless South Africa.
Mudzimu fhatutshedza Afurika. Hosi katekisa Afrika.